Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 94:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ke mang ya tla ntshireletsa ho ba kgopo? Ke mang ya tla mpuella ho ba bolotsana?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 94:16
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.


Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.


Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo.


Jehova o nkemetse; ha ke tshabe letho, motho a ka nketsang?


Tsoha, Jehova, o ba futuhele, o ba dihe! O mpoloke ka lerumo la hao ho bakgopo;


O nnamolele ho banna ba etsang hampe; o mpoloke ho banna ba madi!


O bona hobane ha ho eo e leng motho, o makala hobane ha ho morapelli; ka baka leo, o tshepile letsoho la hae, o itshematlela ka ho loka ha hae.


Ke tadimile ke hona, mme ka hloka mothusi; ka makala ha ke hlokile ya nkemelang. Ke moo letsoho la ka le nthusitseng le kgalefo ya ka e nkemetseng.


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Mme ke batlile hara bona hore na motho a ka ba teng ya ka lokisang dikgeo tsa lerako, ya ka emang sekgeong pela ka ho lwanela naha, hore ke se ke ka e timetsa, ke mpa ke sa ka ka mo fumana.


Ha areka e ne e tloha, Moshe o ne a re: Raoha, Jehova; dira tsa hao a di ke di qhalwe! mme ba o hloileng, a ba ke ba balehe pela sefahleho sa hao!


Ya sa ntwaneleng, o a ntwantsha; le ya sa bokolleng le nna, o a hasanya.


Efela re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re sebedisane le nnete.


Rohakang Merose, ha rialo lengeloi la Jehova! Rohakang, rohakang ba ahileng teng, hobane ha ba ka ba tla ho tlatsa Jehova, ho tlatsa Jehova hammoho le bahale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ