Mafutsana le basenyehi ba batla metsi, mme a hlokahala; maleme a bona a omeletse ke lenyora. Nna, Jehova, ke tla ba utlwa; nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.
Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.
Leha ho le jwalo, ha ba sa ntse ba le naheng ya bao e leng dira ho bona, nke ke ka ba lahla, mme nke ke ka ba kgesa hore ke ba fedise, mme ke robe selekane sa ka le bona; hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona.
Mme bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse; mme bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; mme bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.
Ipheng matla, mme le tiye dipelo; se tshabeng, mme le se ke la ba tshoha, hobane Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tsamayang le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla.