Davida le Baiseraele kaofela ba ne ba letsa pela Modimo ka matla wohle a bona, ba bina ka diharepa, le diviole, le meropa, le disimbala, le diterompeta.
Davida a bolella balaodi ba Balevi hore ba hlopholle banababo bona, e leng dibini, hore ba eme ka diletsa, e leng diviole, le diharepa, le disimbala, tseo ba tla di letsa ka matla, ba etse modumo wa thabo ka tsona.
Bao kaofela ba ne ba le tsamaisong ya ntata bona, ba tle ba bine tlung ya Jehova, ba ntse ba ithusa ka disimbala le diviole le diharepa, ho etsa tshebetso ya ntlo ya Modimo. Haele Asafe le Jeduthune le Hemane, ba ne ba laelwa ke morena.
ba karolo e nngwe ya boraro ba tla ema ka tlung ya morena, ba karolo e nngwe ya boraro ba ene pela monyako wa Jesode; setjhaba sohle sona se tla ema mabaleng a ntlo ya Jehova.
Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.
Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.
Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.