Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 91:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Feela, o tla iponela ka mahlo a hao, o be o bone moputso wa ba bolotsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 O tla bona ka mahlo a hao ha ba kgopo ba putswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 91:8
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O itshepise ka Jehova, o tiye ditseleng tsa hae, mme o tla o hodisa, o tle o je lefa la lefatshe; o tla bona le tshenyeho ya ba babe.


bahanyetsi ba ka ba tla thabisa mahlo a ka, ditsebe tsa ka di utlwe tshenyeho ya ba bolotsana, ya ba mphahamelang.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Jehova a namolela Iseraele ka tsatsi leo matsohong a Baegepeta, mme Iseraele a bona Baegepeta lebopong la lewatle e se e le ditopo.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Mahlo a lona a tla ho bona, mme le tla re: Jehova o moholo hodima naha ya Iseraele?


Hobane ha esitile lentswe le boletsweng ka mangeloi le sa ka la lesa ho tiya, mme ho tlola le ho se utlwe hohle ha ba ha hlahelwa ke moputso o ho lekanang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ