Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 91:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke re ho Jehova: O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka oo ke o tshepang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 91:2
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


Tshwepholang ditaba tsa ya madimabe! ... Jehova ke setshabelo sa hae.


Jehova, ke nyolosetsa mehoo ya ka ho wena, ke re: O setshabelo sa ka, o kabelo ya ka lefatsheng la ba utlwang.


O mamele modumaelo wa ka, hobane ke hlomohile haholo; o ntopolle ho bahlorisi ba ka, hobane ba mpheta ka matla.


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Ke howeletsa, ke re: Jehova a ke a bokwe! mme ke namolelwa ho dira tsa ka.


Modimo wa ka, ke beile tshepo ya ka ho wena; oho, ke se ke ka swaba! bao e leng dira ho nna ba tle ba se ke ba thaba ka nna!


Matsatsi a ka a letsohong la hao, o nkgule letsohong la bao e leng dira ho nna, le ho ba mphallelang!


ke tle ke finyelle aletareng ya Modimo, ho Modimo oo ke o thabelang ka hlasimoloho, ke o binele ka harepa, Modimo, Modimo wa ka!


Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.


Ka baka leo, re ke ke ra tshoha, leha lefatshe le ka sisinyeha, mme dithaba tsa tsokotseha mahareng a mawatle;


Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.


Hobane, wena Modimo, o utlwile dikano tsa ka, o nneile lefa la ba tshabang lebitso la hao.


O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.


Hobane, Jehova, o setshabelo sa ka. O ikgethetse Mookamedi ya phahameng, hore e be setshabelo sa hao.


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Athe Modimo hase Modimo wa bafu, ke wa ba phelang; hobane ho wona batho kaofela ke ba phelang.


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ