Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 91:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 hobane o tla o laella mangeloi a hae, a tle a o boloke ditseleng tsa hao kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 O tla laela mangeloi a hae, a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 91:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.


Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.


O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.


Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.


O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.


Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!


Mme jwale, o elang ka tsela ya Egepeta ho nwa metsi a Nile? O elang ka tsela ya Assiria ho nwa metsi a Eufrate?


a re ho yena: Ekare ha o le Mora wa Modimo, o itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a wona, mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ