7 Hobane re fediswa ke bohale ba hao, re tshoswa ke kgalefo ya hao.
7 Re fediswa ke kgalefo ya hao, re thothometswa ke bohale ba hao.
Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)
Senya, o ba senye kgalefong ya hao, hore ba se hlole ba eba teng! Ho tle ho tsejwe le dipheletsong tsa lefatshe hoba Modimo o busa Jakobo. (Sela.)
Wa fedisa matsatsi a bona hang, le dilemo tsa bona ka tshenyeho e phakisisang.
Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?
Hobane matsatsi a rona a ikela pela bohale ba hao, re fellwa ke dilemo tsa rona jwalokaha re fellwa ke kgopolo.
Ka tebelo ya meso, Jehova a shadima lekgotla la Baegepeta a le topallong ya mollo le ya leru, mme a tsherehanya lekgotla la Baegepeta.
O haola lefatshe ka kgalefo, o hatakela ditjhaba ka bohale.
Ana ba o halefisitseng ka dilemo tse mashome a mane ke bafe? Na hase ba sitilweng, bao ditopo tsa bona di wetseng feelleng?