Lentswe le leng le re: Howeletsa! Ho arajwa, ho thwe: Ke tla howeletsa ka dife? Ere: Nama yohle ke jwang, botle kaofela ba yona bo jwaloka palesa ya naha.
Modimo ha o apesa jwalo jwang ba naha, bo bang teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa, lona batho ba tumelo e nyenyane?
Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.