Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 90:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O a ba kgohola; ba jwaloka toro; hosasa, ba mela jwaloka jwang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 O fedisa batho hanghang, e be e ke ke toro, ba ka jwang bo melang hoseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 90:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.


Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;


Ho nka hosasa ho fihlisa mantsiboya, ba thuhakanngwa, ba timela ka ho sa feleng, ba sa lemohuwe.


a tata jwaloka dikepana tsa lehlaka, jwaloka ntsu e hlwibilang phoofotswana ya yona.


Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.


Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.


Ka ba ka itshwara ho isa hosasane; a roba masapo a ka jwalokaha ho roba tau; ho tloha hosasa ho isa bosiu, o tla be o nqetile.


Lentswe le leng le re: Howeletsa! Ho arajwa, ho thwe: Ke tla howeletsa ka dife? Ere: Nama yohle ke jwang, botle kaofela ba yona bo jwaloka palesa ya naha.


Jwang bo a omella, mme palesa e foforehe, ha e amilwe ke moya wa Jehova; ruri batho ke jwang.


Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ