Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 90:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mme mohau wa Jehova. Modimo wa rona, o be ho rona! Mosebetsi wa matsoho a rona, o re tiiselletse wona; e, mosebetsi wa matsoho a rona o o tiise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Morena Modimo wa rona a ke a be mosa ho rona, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona, e, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 90:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o ka rera taba e nngwe, e tla o hlahela, lesedi le kganye tseleng ya hao.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Oho Jehova, ke a o rapela, o boloke! Oho Jehova, ke a o rapela, o hlohonolofatse.


Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


Sione, botleng bo phethehileng, Modimo o bonahatsa kganya ya wona;


Modimo wa hao a laetse hore o be le matla. Modimo, o tiise seo o se sebeditseng bakeng sa rona,


Oho Modimo, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!


Oho Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!


O rolele ditaba tsa hao tsohle ho Jehova, mme merero ya hao e tla tiya.


Jehova, ke wena ya re fang kgotso, hobane ke wena ya sebetsang bakeng sa rona tseo re di etsang kaofela.


Ha ho le jwalo, ya nang le taba hase ya hlomang, leha e le ya nosetsang, empa e le Modimo o medisang.


Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ