Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 90:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O re rute ho bala matsatsi a rona ka mokgwa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka wona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Kahoo re rute ho bala ditshiu tsa rona, pelo tsa rona di tle di hlalefe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 90:12
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


Jehova, o ntsebise bofello ba bophelo ba ka, le bokae ba ditshiu tsa ka, ke tle ke tsebe hoba ke feta kapele hakakang!


Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)


Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!


Sekeha tsebe, o mamele dipolelo tsa ba bohlale, o neele pelo ya hao tsebo ya ka.


Neela thuto pelo ya hao, o sekehele ditaba tsa bohlale ditsebe tsa hao.


Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.


Rua bohlale, o rue kutlwisiso; o se ke wa lebala ditaba tsa molomo wa ka, o se ke wa di kgeloha.


Sehlooho sa ntho tsohle ke bohlale; rua bona, o bo reke ka tsohle tseo o nang le tsona.


Ho molemo ho ya ka tlung ya bofifi, ho ena le ho ya ka tlung ya menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, mme motho ya phelang o nahana teng.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona.


Hojane ba le bohlale ba ka be ba lemohile taba tsena, le ho ela ho fela ha bona hloko!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ