Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 90:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 90:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.


Yaba Jehova o re: Moya wa ka o ke ke wa nna wa eba ho motho kamehla, etswe le hona e le nama feela; ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.


Kajeno, ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; nka tseba jwang ho kgetha se monate ho se babang na? Ana mohlanka wa hao o sa tseba ho utlwa seo ke se jang, leha e le seo ke se nwang na? Na ke sa tseba ho utlwa mantswe a dibini tsa banna le tsa basadi na? Na mohlanka wa hao a ka nna a iketsa phahlo ho morena, monga ka, na?


Mohlanka wa hao a ka mpa a tshela Jordane feela le morena, hobane ke haele hofe hoo morena a ka mputsetsang hona ka moputso o kalo na?


Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale.


Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?


O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.


ba ye ba hodiswe, mme ka motsotso o se mokae ha ba sa le yo, ba se ba rapaletse; ba nkwa jwaloka batho bohle, ba kotulwa jwaloka diqwapi tsa mabele.


motho o tswaletswe maswabi, jwaloka hlase ho qhoma.


wa hopola hobane ke batho feela, ka phefumoloho e ikelang, e sa hloleng e boya.


Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.


haele ba dilemo tse mashome a tsheletseng le tse fetisang, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tse leshome le metso e mahlano, mosadi e be ka dishekele tse leshome.


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele.


athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.


Leha ho le jwalo, ke sa le matla le kajeno, jwaloka mohla Moshe a nthomang; jwalokaha matla a ka a ne a le jwalo mohlang oo, le kajeno matla a ka a ho lwana a ntse a le teng, a ho futuha le a ho boya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ