Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 90:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, o nnile wa ba setshabelo sa rona melokong le melokong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo. Morena, o bile setshabelo sa rona melokong yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 90:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.


O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.


Ke tla bina mehauhelo ya Jehova ka ho sa yeng kae; molomo wa ka o tla tumisa botshepehi ba hao ho isa ditloholwaneng,


Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.


Hobane, Jehova, o setshabelo sa ka. O ikgethetse Mookamedi ya phahameng, hore e be setshabelo sa hao.


E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Morena Jehova o re: Leha ke ba lahletse hara ditjhaba, ke ba qhalanyeditse dinaheng, ho bona ke tla mpe ke be sehalalelo ka motsotso o se o kae dinaheng tseo ba ileng ho tsona.


Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.


Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o dula ho nna, le nna ho yena.


Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.


Modimo wa kamehla ke setshabelo sa hao, mme matsoho a sa feleng a katlasa hao. O lelekisa dira pela hao, o re: Di fediswe!


Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.


Mme rona re tsebile, re bile re dumetse lerato leo Modimo o re ratang ka lona. Modimo o lerato, mme ya dutseng leratong o dutse ho Modimo, mme Modimo le wona o dutse ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ