Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke tla o rorisa, Jehova, ka pelo ya ka yohle; ke tla bolela mehlolo ya hao kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 9:1
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle.


Ke mang ya ka tsebang ho bolela diketso tse phahameng tsa Jehova, le ho bina dithoko tsa hae kaofela?


Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.


Ke tla o rorisa ka pelo ya ka yohle, ke o roke pela medimo;


ke ntse ke kgeleketsa lentswe la diteboho le ho bolela mehlolo ya hao kaofela.


Morena, ahlamisa melomo ya ka, mme molomo wa ka o tla tumisa dithoko tsa hao;


Ke tla rorisa Jehova ka baka la ho loka ha hae, ke binele lebitso la Jehova, la Mookamedi ya phahameng.


Ke tla o rorisa, Morena, Modimo wa ka, ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao ka ho sa yeng kae!


ke tle ke tumise dithoko tsa hao kaofela dikgorong tsa moradi wa Sione, ke thabele poloko ya hao!


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


Setjhaba seo ke iketseditseng sona se tla bolela dithoko tsa ka.


O tla kwahelwa ke bongata ba dikamele le ba dipetsana tsa tsona tsa Midiane le tsa Efa; bohle ba Seba ba tla tla ba belesitse kgauta le dibano, mme ba tla tumisa dithoko tsa Jehova.


A araba, a re: O tla rata Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle; le wa heno, o mo rate jwalokaha o ithata.


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ