Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova, Modimo wa makgotla, ke mang ya matla jwaloka wena, Jehova? O teetswe hare ke botshepehi ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:8
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka re: Jo! Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang melao ya hao, selekane le mohau!


leboya le a le kgantsha jwaloka kgauta. Modimo o okametse tsohle jwalo ka kganya e tshabehang!


Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng?


Morena wa rona o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutlwisiso ya hae ha e na ho lekanngwa.


Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova ya matla, ya sa sitweng ke letho, Jehova ya matla ntweng.


Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?


Ho loka ha hao, Modimo, ho phahamile ho fihla lehodimong. O entse ntho tse kgolo, Modimo; ya ka ka wena ke mang?


Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!


Matla a dutse letsohong la hao, seatla sa hao se tiile, letsoho le letona la hao le phahamile.


Hobane, phahameng ya mahodimo, ke mang ya ka itekantshang le Jehova? Ke mang ya tshwanang le Jehova hara bara ba Modimo?


Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.


Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Hobane lefika la bona ha le jwaloka Lefika la rona; esita le bao e leng dira ho rona, ba ka ahlola jwalo.


O se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, Modimo o moholo, o tshabehang, o ha eno.


Modimo, Modimo, Jehova, Modimo, Modimo Jehova, o a tseba le Baiseraele bohle ba tla tseba hoo le bona — ha ekaba ke ka ho fetohela Jehova, le ka ho mo sitelwa, o se ke wa re pholosa kajeno!


Ha o a ka wa utlwa lentswe la Jehova keng, ha o ile wa itihela kgapong, wa etsa bobe pela mahlo a Jehova?


Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ