43 o thithibantse bohale ba lerumo la hae, mme ha o a ka wa mo tiisa ntweng.
43 O matlafaditse matsoho a ba mo lwantshang, wa thabisa dira tsohle tsa hae.
Ha o ka ya le bona, leha o ka etsa ketso tse matla ntweng, Modimo o tla o diha pela dira, hobane Modimo o na le matla a ho tlasa le a ho diha.
o re balehisitse pela dira, ba re hloileng ba ikela le kgapo;
Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.
Le se ke la nyolohela teng, hobane Jehova ha a yo hara lona, le tle le se ke la qhalanngwa pela dira tsa lona;
Yaba Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile thabeng eo ba theoha, ba ba qhala, ba ba bolaya ho isa Horma.