Dipesaleme 89:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)41 Bafeti kaofela ba mo senyetsa, o entswe sekgobo sa ba mathoko. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE41 O dihile metero yohle ya hae, metse ya hae e haheleditsweng wa e fetola masupi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Jwalokaha nkile ka tshollela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima baahi ba Jerusalema, ke tla tshollela kgalefo ya ka hodima lona, ha le ka ya Egepeta; le tla etswa nyefolo, le makatso, le thohako, le nyediso, mme le ke ke la boela la bona nqalo ena.
Ke tla tshwara ba setseng ba Juda ba pheheletseng ho kena lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba timele kaofela; ba tla wa lefatsheng la Egepeta, ba timele ke lerumo le tlala, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba shwe ke lerumo le tlala, ba etswe thohako, le sebabatso le manyala, le hlapa.