Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Leha ho le jwalo, o lelekile motlotsuwa wa hao, o mo lahlile, o mo halefetse;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 e hlole kamehla jwaloka kgwedi, paki eo e tshepahalang e mahodimong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:38
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, thaba tsa Gilboa, ho se ke ha lala phoka, ho se ne pula ho lona, ho se ke ha eba masimo a mang le dilopotsiya hobane ke moo ho lahlilweng thebe tsa bahale, le thebe ya Saule, jwaloka eka ha a ka a tlotswa ka ole!


Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela setjhaba sa hae, mme lefa la hae ya eba ntho e manyala ho yena;


Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!


Na hase wena Modimo, o neng o re lahlile, wena Modimo, o neng o sa hlole o tsamaya le makgotla a rona?


Na Morena a ka lahla motho ka ho sa feleng? A ke ke a boela a hauhela na?


Modimo ha o bona hoo, wa halefa haholo, wa tenwa hampe ke Iseraele.


Oho Modimo, thebe ya rona, tadima, o bone sefahleho sa motlotsuwa wa hao.


o elellwe le ditshomo tsa dira tsa hao, Jehova, e leng ditshomo tse somang mehato ya motlotsuwa wa hao!


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Morena o tenehile ke aletare ya hae, sehalalelo sa hae ya eba manyala ho yena; o neetse mabota a matlo a hae a borena matleng a sera. Ba phahamisitse mantswe a bona ka tlung ya Jehova, jwalokaha ho etswa ka tsatsi la mokete.


Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.


Modimo wa ka o tla ba lahla, hobane ha ba ka ba o utlwa; e tla ba basepedi hara ditjhaba.


Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


Jehova o bone hoo, mme kgalefong ya hae o lahlile bara ba hae le baradi ba hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ