Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Moloko wa hae o tla nne o be teng ka ho sa feleng, terone ya hae e tla nne e be teng pela ka jwaloka letsatsi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:36
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o etse Abnere ka hore le ka hore, ha ke sa etsetse Davida kamoo Jehova a mo hlapanyeditseng kateng,


Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla nne di tiye pela hao ka ho sa feleng, le terone ya hao e tla tiiswa kamehla.


Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.


O tla tshajwa, letsatsi le kgwedi ha di sa kganya, melokong le melokong.


Ke tla etsa moloko wa hae hore e be o sa feleng, mme terone ya hae e ya nne e tiye ha mahodimo a ntse a le teng.


Ke tla tiisa leloko la hao ka ho sa yeng kae, ke tiise terone ya hao ho isa melokong yohle. (Sela.)


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


Haele nna, ke sona selekane seo ke se etsang le bona, ho bolela Jehova: Moya wa ka o dutseng ho wena, le ditaba tsa ka tseo ke di beileng molomong wa hao, ha di sa tla tloha molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova jwale le ka ho sa feleng.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Ho itswe ke Jehova: Ha le ka fedisa selekane sa ka le letsatsi, le selekane sa ka le bosiu, hore ho se ke ha hlola ho eba motshehare le bosiu nakong ya teng,


le hona selekane sa ka le Davida, mohlanka wa ka, se ka fela, hore a se ke a hlola a eba le mora ya busang teroneng ya hae; ho jwalo le ka selekane sa ka le Balevi, bao e leng baprista ba ntshebeletsang.


Morena Jehova o hlapantse ka bokgetheho ba hae, a re: Bonang, le tla hlahelwa ke matsatsi ao le tla hulwa ka dilope, masala a lona a hulwe ka ditshepe tsa ho tshwasa dihlapi.


O tla busa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae ha bo ka ke ba eba le bofelo.


Bongata ba mo araba, ba re: Rona re utlwile ka molao hore Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, mme wena, o bolela jwang hobane e ka kgona Mora motho a nyollwe na? Mora motho eo ke mang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ