Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O itse: Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapantse ho Davida, mohlanka wa ka, ka re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:3
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke re, ntlo ya ka e jwalo pela Modimo, hobane o hlabile le nna selekane se sa feleng, se lokileng kahohle, se tiileng! Ha ke re, o tla medisa polokeho ya ka yohle le tsohle tse lakatswang ke nna!


Modimo o etse Abnere ka hore le ka hore, ha ke sa etsetse Davida kamoo Jehova a mo hlapanyeditseng kateng,


Esale mohla ke ntshang setjhaba sa ka sa Iseraele Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; ke mpa ke kgethile Davida ho ba morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Jehova o entse hlapanyo ya nnete ho Davida, a ke ke a e kwenehela; o itse: Ke tla bea mora ya tswetsweng ke wena teroneng ya hao.


A kgetha Davida, mohlanka wa hae, a mo nka merakeng ya dinku;


Mohlang oo, o kile wa bua ka pono ho bakgethwa ba hao, wa re: Ke thusitse mohale, ke phahamisitse eo ke mo kgethileng hara setjhaba;


Ke tla mmolokela mohau wa ka ka ho sa yeng kae; selekane sa ka le yena e tla ba sa mehla le mehla.


o nyedisitse selekane seo o neng o se entse le mohlanka wa hao, o silafaditse moqhaka wa hae ka ho o lahlela fatshe.


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Ba mpa ba tla sebeletsa Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona, eo ke tla mmea ho bona.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Empa erekaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hobane Modimo o mmaletse ka kano hore Kreste, ka nama, o tla tswa mofuteng wa hae, a be a dule teroneng ya hae;


athe baprista bale ba pele ba beilwe ho se kano, empa yena o beilwe ka kano ke ya itseng ho yena: Morena o hlapantse, mme a ke ke a kweneha: O moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke —


Yaba lengeloi la Jehova le tloha Gilgale, la nyolohela Bokime, la re: Ke ne ke itse, ke tla le nyolla Egepeta, ke tle ke le tlise lefatsheng leo ke anneng hore ke tla le nea bontata lona; mme ke ne ke itse: Ha nka ke ka roba selekane sa ka seo ke se entseng le lona le ka mohla o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ