ka baka leo, o se o neilwe bohlale le kelello; ke o neile le lefumo, le menono, le botumo boo le pele ho esong ho be morena ya bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ya tla ba le bo bokalo.
O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.
Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.
Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.
Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.