Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mohlang oo, o kile wa bua ka pono ho bakgethwa ba hao, wa re: Ke thusitse mohale, ke phahamisitse eo ke mo kgethileng hara setjhaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Thebe ya rona ke ya Morena, kgosi ya rona ke ya Ya Halalelang wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho le jwalo, esita le eo e leng senatla, eo pelo ya hae e kang pelo ya tau, o tla fokola haholo, etswe Baiseraele bohle ba tseba hobane ntatao ke mohale, le hobane banna bao a nang le bona ba matla ntweng.


Feela, nke ke ka mo amoha mmuso kaofela; ke tla mmea morena ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, ka baka la mohlanka wa ka Davida, eo ke mo kgethileng, ya bolokileng melao ya ka le ditaelo tsa ka.


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)


Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?


O itse: Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapantse ho Davida, mohlanka wa ka, ka re:


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Monga hae e tla ba ya tswang ho yena, mmusi wa hae e be ya hlahang ho yena; ke tla mo atametsa, a tle a be haufi le nna; hobane ke mang ya neng a ka beta pelo hore a atamele ho nna, ho bolela Jehova?


a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.


jwalokaha a ne a boletse ka molomo wa baporofeta ba halalelang ba hae, ba bileng teng mehleng ya pele,


Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.


le tle le hopole ditaba tse boletsweng pele ke baporofeta ba halalelang, le molao wa Morena Mmoloki, oo le o beetsweng ke baapostola ba lona;


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ