Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.
O emisitse lenaka la setjhaba sa hae, a tle a roriswe ke bakgethwa ba hae kaofela, e leng bana ba Iseraele, setjhaba seo a ikatameleditseng sona. Bokang Jehova!
Mahosana a ditjhaba a phuthehile hammoho ho ba setjhaba sa Modimo wa Abrahama; hobane dithebe tsa lefatshe ke tsa Modimo; o phahamile haholo ka ho fetisisa.
Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.
Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.
Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.
Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.