Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang pitso ya terompeta! Se tsamaya leseding la sefahleho sa hao, Jehova,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ho loka le toka ke motheo wa terone ya hao, mohau le botshepehi di o eteletse pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng eo, lebone la wona le ne le kganyetsa hlooho ya ka; ka lesedi la wona ke ne ke tseba ho tsamaya hara lefifi.


Phahamisetsang ho Jehova mehoo ya lona ya thabo, lona kaofela ba lefatsheng!


Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


hosasa, bo a palesa, bo mele, mantsiboya bo a helwa, bo pone.


Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.


Ho ela ha sefahleho sa morena ke bophelo, lerato la hae ke leru le nesang pula ya hwetla.


Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!


O tla letsa terompeta e mantswe a phepa ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi; ka letsatsi la dipheko, le tla letsa diterompeta naheng yohle ya lona.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Matsatsing a lona a ho thaba, mohla mekete ya lona, le thwasong ya dikgwedi tsa lona, le tla letsa diterompeta, le ntse le hlahisa ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona a teboho, mme le tla hopolwa jwalo pela Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


Jehova a retelletse sefahleho sa hae ho wena, mme a o fe kgotso!


O ntsebisitse tsela ya bophelo; o tla nkgorisa ka thabo e tswang sefahlehong sa hao.


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ya taba tse molemo!


Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.


Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ