Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hao, mohau le nnete di tsamaya pela sefahleho sa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.


Jehova o lokile ditseleng tsa hae tsohle, o mohau diketsong tsa hae tsohle.


Ho loka ho tla tsamaya pela hae, ho re etsetsa tsela mehlaleng ya hae.


hobane ke itse: Mohau wa hao o entswe moaho o sa feleng; o theile botshepehi ba hao mahodimong.


Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.


Binelang Jehova sefela se setjha, hobane o entse dintho tse mehlolo; seatla sa hae se setona le letsoho la hae le halalelang di hlotse dira tsa hae.


Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


Letsoho la hao le letona, Jehova, le tumile ka matla a lona; tsoho la hao le letona, Jehova, le thuhakantse sera.


Ho marena ho etsa ho sa lokang ho manyala, hobane setulo sa borena se tiiswa ke ho loka.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ