Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O bopile leboya le borwa; Thabore le Hermone di rorisa lebitso la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ne o ale boputswa ba leboya hodima sebaka se feela, wa fanyeha lefatshe hodima bodiba.


Haele mahodimo, ke mahodimo a Jehova, mme lefatshe o le neile bana ba batho.


Ho jwaloka phoka ya Hermone, e theohelang dithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.


Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.


Hobane o le theile hodima mawatle, o le tiisitse hodima bodiba.


Dinoka a di ke di ope ka diatla, le dithaba di ntshe mehoo ya thabo pela Jehova, hobane o ya tla ho ahlola lefatshe.


Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi.


Moedi o ntoo fihla Thabore, le Shakatsima, le Bethe-Shemeshe; hape moedi wa bona o ya fella Jordane: ke metse e leshome le metso e tsheletseng le metsana ya yona.


Sisera a tsebiswa, ha thwe: Barake, mora Abinoame, o hlwele thaba ya Thabore.


Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ