Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke tla bina mehauhelo ya Jehova ka ho sa yeng kae; molomo wa ka o tla tumisa botshepehi ba hao ho isa ditloholwaneng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:1
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A feta batho bohle ka bohlale, a feta le Ethane wa Esra, le Hemane, le Kalkole, le Darda, bara ba Mahole; mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tse kamathoko.


Salomone a nea Hirame koro e dikore tse dikete tse mashome a mabedi, e be dijo tsa ba ntlo ya hae, le dikore tse mashome a mabedi tsa ole e hlwekileng; Salomone a nna a nea Hirame ho le hokalo ka lemo se seng le se seng.


Bara ba Sera ke Simri, Ethane, Hemane, Kalkole, le Dara; kaofela ha bona ba bahlano.


Ke tla bina mohau le kahlolo; ke tla binela wena, Jehova. Ke tla ela tsela e se nang molato hloko ... O tla tla neng ho nna?


Bokang Jehova! Rorisang Jehova, hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


botshepehi ba hao bo hlola ditloholong le ditloholwaneng. O theile lefatshe, mme le tiile;


Jehova, mohau wa hao o phahame ho isa mahodimong le botshepehi ba hao ho isa marung.


Empa nna, ke tla bina matla a hao, ke bolele dithoko tsa mohau wa hao e sa le kameso, hobane o qhobosheane ya ka le setshabelo sa ka tsatsing la matswalo.


Molomo wa ka o tletse dithoko tsa hao, ke ntse ke o rorisa ka matsatsi wohle!


Hleka mohau wa hao o ya bolelwa lebitleng, le nnete ya hao moahong wa lefu na?


Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, mme lenaka la hae le tla hola lebitsong la ka;


empa nke ke ka ba amoha mohau wa ka, mme nke ke ka etsa botshepehi ba ka leshano;


Morena, e kae mehauhelo ya hao ya pele, eo, botshepehing ba hao, o e baletseng Davida ka kano?


Jehova, Modimo wa makgotla, ke mang ya matla jwaloka wena, Jehova? O teetswe hare ke botshepehi ba hao.


ho bolela mohau wa hao ka meso, le bokgabane ba hao ka masiu wohle,


Jehova, o Modimo wa ka, ke tla o hodisa, ke tumise lebitso la hao, hobane o entse diketso tse mehlolo; tseo o di rerileng kgale di bonahetse hoba ke nnete le ho tiya.


e nne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. Botshepehi ba hae bo boholo.


O tla nea Jakobo nnete, o nee Abrahama mohau oo o o baletseng bontata rona ka kano, esale mehleng ya tshimoholo.


ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ