Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 88:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 O suthisitse balekane ba ka, wa ba suthisetsa hole le nna, o mphetotse manyala mahlong a bona; ke hlahletswe moo ke sitwang ho tswa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 88:9
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha o ka hleka pelo ya hao hantle, mme wa otlollela matsoho a hao ho wona,


Leha metswalle ya ka e fetohile basomi, mahlo a ka a lebile ho Modimo ka meokgo;


Dillo di thibile mahlo a ka, ditho tsohle tsa ka ke seriti feela.


Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle?


Hobane ke ja molora bakeng sa bohobe, ke tswakantse seno sa ka ka meokgo,


Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)


Pelo ya ka e a opa, matla a ka a ntlohela, le lona lesedi la mahlo a ka ha le sa le yo ho nna.


Ba batlang bophelo ba ka ba tjheha maraba a bona, ba batlang tshenyeho ya ka ba bolela tsa ho senya, ba loha mano tsatsi lohle.


Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?


Hola ra lebala lebitso la Modimo wa rona, ra emisetsa modimo osele matsoho a rona,


Mantsiboya, le hosasa, le motshehare, ke ntse ke dumaela, ke sisa pelo, mme o tla utlwa lentswe la ka.


Mahlo a ka a fela ke mahlomola, a monyela ka baka la bohle ba ntlhorisang.


Mahosana a tla tla, a etswa Egepeta; Ethiopia o tla phakisa a otlollele matsoho a hae ho Modimo!


O nkgauhele, Morena, hobane ke bitsa ho wena tsatsi lohle!


Jehova, Modimo wa poloko ya ka, ke howa pela hao motshehare le bosiu.


O nkopetse hare hore ke tle ke se ke ka tswa, ditlamo tsa ka o di entse boima.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ