7 Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu a hao kaofela a nkgateletse. (Sela.)
7 O ntheoletse botebong ba lebitla, mohohlong o motshomotsho!
Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.
Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.
ka baka la kgalefo ya hao le la bohale ba hao bo tukang. Efela o ile wa ntshwara, wa ntihela fatshe.
Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho nna nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a ne a omeletse jwaloka hola ke lebatama la selemo. (Sela.)
Jehova, o se ke wa ntaya kgalefong ya hao, o se ke wa nkotla bohaleng ba hao.
Bodiba bo arabelana le bodiba bo bong modumong wa phororo tsa hao; merwallo ya hao kaofela le maqhubu a hao wohle a fetile hodima ka.
Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.
Hobane re fediswa ke bohale ba hao, re tshoswa ke kgalefo ya hao.
Hobane o ne o ntahletse bodibeng, bohareng ba lewatle, dikgohola tsohle di ne di mpotile kahohle, maqhubu wohle a hao le dikgaphatseho tsa hao di ne di nkapesitse.
Ka ba ka re: Ke lahlilwe hole le wena; leha ho le jwalo, ke tla boela ke bone tempele ya hao e kgethehileng.
Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.
yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.