Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 88:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke badilwe le ba theohelang lebitleng; ke jwaloka motho ya feletsweng ke matla;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Moya wa ka o teteditswe ke tse bohloko, bophelo ba ka bo dintshing, dintshing tsa Nqalo ya Bafu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 88:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Phefumoloho ya ka e a timela, matsatsi a ka a tima, lebitla le nkemetse.


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng.


Na o ka ruang ka madi a ka le ka ho theohela ha ka lebitleng?


ho batho ke lebalehile jwaloka mofu ya seng a le siyo mehopolong, ke jwaloka moeta o lahlwang;


O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.


O nkgorisitse tse babang, o ntahisitse ka lengana.


ke tla o lahlela hammoho le ba theohelang sehokong, ho ditjhaba tsa kgale, ke o ahise lefatsheng le tebileng, masuping a sa feleng, hammoho le ba theohetseng sehokong, hore o tle o se ke wa hlola o ahuwa: athe ke tla bea kganya lefatsheng la ba utlwang.


Ke ne ke theohetse tlase metheong ya dithaba, lefatshe le ne le nkwaletse ka mekwallo ya lona ho isa ho sa feleng. Ebile o nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Modimo wa ka.


Efela, ha re ne re se na matla, Kreste a shwa ka nako e tshwanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Modimo.


Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;


Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ