Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 86:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Oho Modimo, baikakasi ba mpokanetse, letshwele la batho ba tshabehang le batla bophelo ba ka; ha ba ka ba o bea pela mahlo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Modimo, baikakasi ba ntsohetse matla, sehlopha sa ba sehloho se batla bophelo ba ka, ha ba na taba le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 86:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Absalome o re ho Akitofele: Eletsanang e le lona hore na e ka kgona re etse jwang?


Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Pelong ya hae o re: Modimo o a lebala, o patile sefahleho sa wona, ha o tadime le ka mohla o le mong!


Na ya kgopo o nyedisetsang Modimo, ha a re pelong ya hae: Ha o batlisise?


Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.


Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao.


Baikakasi ba nketselletsa ka leshano; empa nna, ke boloka ditemoso tsa hao ka pelo ya ka yohle.


Baikgohomosi ba ntjhekela mamena, e leng ba sa yeng ka molao wa hao.


Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka jwalokaha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Jehova.


Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)


E mobe o mamela bolotsana pelong ya hae, ho tshaba Jehova ha ho yo pela mahlo a hae;


Leoto la boikgohomoso le se ke la nkgatakela, letsoho la ba babe le se ke la mpalehisa!


Hobane basele ba ntsohela matla, batho ba sehloho ba batla bophelo ba ka; ha ba ka ba bea Modimo pela mahlo a bona. (Sela.)


O tla dihela hodima bao e leng dira ho nna bolotsana ba bona. O ke o ba qete, botshepehing ba hao!


A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.


A re ho nna: Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ya Juda bo boholo haholoholo, lefatshe le tletse madi a tsholotsweng, mme motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatshe lena, Jehova ha a bone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ