Dipesaleme 85:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Na o ke ke wa boela wa re pholosa, hore setjhaba sa hao se tle se o thabele na? အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE6 Na o tla nne o re halefele kamehla? Na kgalefo ya hao e ke ke ya kgaotsa ho isa melokong e tlang? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.