5 Na o ka re halefela kamehla, wa tiisa bohale ba hao kamehla le mehla na?
5 Ako boele o re kgutlise, Modimo, wena, mopholosi wa rona, o fedise kgalefo ya hao ho rona.
O rutile setjhaba sa hao ka dikotlo tse thata, o re nositse veine ya ho diadielwa.
Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?
Na Modimo o lebetse ho utlwela batho bohloko? Bohaleng ba wona na o thibetse mehauhelo ya wona na? (Sela.)
Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?
Jehova, Modimo wa makgotla, o tla nne o halefe ho isa kae, leha setjhaba sa hao se ntse se o rapela?
Jehova, o tla nne o ipate ho isa kae? Kgalefo ya hao e tla tuka jwaloka mollo ho isa neneng?
Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.
Empa haele nna, ke tla tadima ho Jehova, ke lebelle Modimo wa poloko ya ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa!
Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.
Ke ka baka leo kgalefo ya Jehova e tuketseng lefatshe lena, ho hlahisa hodima lona dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena.