Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.
Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.
Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.
Jwale, erekaha Kreste a utlwisitswe bohloko nameng ka baka la rona, hlomelang kgopolo ena le lona; hobane ya utlwisitsweng bohloko nameng o hlobohane le dibe;