Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.
Mahodimo a ke a rothise phoka, mme maru a nese ho loka! Lefatshe le itsibole, le tswale poloko le ho loka, di mele hammoho. Ke nna Jehova ya etsang dintho tseo.
Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.
Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.
Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.
Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha dijo; hlaku e nngwe ya beha tse lekgolo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse mashome a mararo.
Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.
Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.