Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.
Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;
Moya wa ka o o lakatsa bosiu, pelo ya ka e o batla kahare ho nna; hobane mohla dikahlolo tsa hao di otlang lefatshe, batho ba lefatshe ba ithuta ho loka.
Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.
Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.
Empa Morena a re ho nna: Mohau wa ka o a o lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong. Ka baka leo, moo ke ratang teng, ke ho ithorisetsa ho fokoleng ha ka, matla a Kreste a tle a nkapese.