Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 84:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Esita le serobele se na le sehlaha, le lefokotsane le na le ntlo, moo le beang madinyane a lona teng ... Oho! dialetare tsa hao, Jehova wa makgotla, Morena wa ka, le Modimo wa ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Moya wa ka o motela ke ho hlolohela mabala a ntlo ya Morena; pelo ya ka le mmele wa ka di etsetsa Modimo ya phelang ditlatse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 84:3
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.


Moya wa ka, o boele phomolong ya hao, hobane Jehova o o entse hantle.


Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?


ke tle ke finyelle aletareng ya Modimo, ho Modimo oo ke o thabelang ka hlasimoloho, ke o binele ka harepa, Modimo, Modimo wa ka!


Mamela lentswe la ka le howeletsang ho wena, Morena wa ka le Modimo wa ka! hobane ke rapela wena.


Jehova, o nnile wa ba setshabelo sa rona melokong le melokong.


Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ