Wena ya dutseng dikgorong tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tsa dihlekehleke tse ngata, Morena Jehova o re: Oho Tire, o ne o re: Ke phethehile botleng.
Ha eno, o ne o na le baholo ba Gebale le ba bohlale ba thibang mapetso a hao; ha eno, ho no ho ena le dikepe tsohle tsa lewatle, le batho ba tsona, ho tla sebetsa kgwebo ya hao.
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;
Lentswe la Samuele le ne le fihlela Baiseraele kaofela. Jwale Baiseraele ba tswa, ba futuhela Bafilesta; ba tla emisa pela Eben-Esere; Bafilesta bona ba emisa Afeke.