6 e leng ba ditenteng tsa Edomo, le Baishmaele, Bamoabe, le Bahagarene,
6 Ba rerisana ba le pelonngwe, ba entse selekane ho o lwantsha:
Mehleng ya Saule, ba futuhela Bahagarene, ba ba bolaya, mme ba aha ditenteng tsa bona, naheng yohle e nqa botjhabela ho Gileade.
Kamora tseo, bana ba Moabe le bana ba Ammone ba ena le Bamaone ba bang, ba futuhela Josafate.
Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!
Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?
Moabe o tla fediswa, e se hlole e eba setjhaba, hobane o ikgantsheditse Jehova.
Eglone a iphuthela bana ba Ammone le Baamaleke, a ya a hlola Baiseraele, mme ba rua motse wa Dipalema.