16 Apesa difahleho tsa bona ka dihlong, ba tle ba batle lebitso la hao, Jehova.
16 ba lelekise ka sefefo sa hao jwalo, o ba tshose ka sefefo sa kganyapa.
Leha nka tshoha ke etsa molato, ho madimabe nna! Le hoja ke se na molato, ke tshaba ho emisa hlooho, hobane ke kgotshe dihlong, mme ke itsebela bomadimabe ba ka.
matswalo a tla ho yena jwaloka morwallo wa metsi; bosiu o tloswa ke sefefo.
Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.
Ke tla apesa dira tsa hae ka dihlong, moqhaka wa hae o tla kganya hloohong ya hae.
Ya tadimang ho yena o a ediswa, dihlong ha di sa tla ba sefahlehong sa hae.
Dira tsa ka kaofela di tla swaba, di tshwarwe ke thothomelo e kgolo; di tla sutha, di be di tsielehe hang.