13 Modimo wa ka, ba be pela hao jwaloka setsokotsane, jwaloka mooko o fefolwang ke moya,
13 ba neng ba ile ba re: “A re ikgapeleng naha ya Modimo, e be ya rona.”
Na o rata ho roba lehlaku le fefolwang, leha e le ho phallela mooko o omeletseng na?
ba tle ba be jwaloka dinono tse fefolwang ke moya, leha e le jwaloka mooko o nkwang ke sefefo.
Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O emelang thoko, o tle o se ke wa mpoloka, o se ke wa nkutlwa ha ke howeletsa?
Ba be jwaloka mooko o fefolwang ke moya, lengeloi la Jehova le ba lelekise.
Modimo, ke wena Morena wa ka! o laole topollo ya Jakobo!
Ka boholo jwa borena ba hao o dihile ba neng ba o tsohetse matla; o ntshitse bohale ba hao, ba ba tjhesa jwaloka hoja e le mooko.
Ba re ba sa hlongwa, ba sa jalwa, kutu tsa bona di eso ho ise metso fatshe, a bodule hodima bona, mme ba omelle, ba nkuwe ke sefefo jwaloka mooko.
Ke mang ya tsositseng motho botjhabela, eo poloko e tsamayang mehlaleng ya hae? Ke mang ya mo neetseng ditjhaba, ya kokobeditseng marena katlasa hae? O etsa marumo a bona lerole, seqha sa bona se ba jwaloka mooko o fefolwang.
Empa ke tla ba qhalanya jwaloka mooko o kgoholwang ke moya wa lefeella.
Erekaha o boletse, wa re: Ditjhaba tseo tse pedi le dinaha tseo tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di rua, athe Jehova o ntse a le teng;
Morena Jehova o re: Erekaha sera se le boletse ka ho re: Haiaha! diphahama tseno tse sa feleng ke leruo la rona.
Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.