Ba tshwara marena a mabedi a Midiane, Orebe le Seebe; ba bolaya Orebe lefikeng la Orebe, Seebe yena ba mmolaya sehatelong sa Seebe ba ntoo phallela Bamidiane. Mme hlooho tsa Orebe le Seebe ba di tlisetsa Gideone mose wane wa Jordane.
Jwale, Seba le Tsalmunna ba re ho yena: Ema wena, o re bolaye, hobane motho kamoo a leng kateng, matla a hae le wona a jwalo. Yaba Gideone o ema, a bolaya Seba le Tsalmunna, a nka le maphaketsana a rwesitsweng melaleng ya dikamele tsa bona.