Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 83:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ba feletseng Ene-Dore, mme ditopo tsa bona tsa nontsha mobu!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 83:10
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme setopo sa Jesebele se tla ba jwaloka kgapane hodima lefatshe, naheng ya Jisreele, ho tle ho se ke ha thwe: Ke yena Jesebele.


Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


Ke tla bea batho tlokotsing, mme ba tla tsamaya jwaloka difofu, kahobane ba sitetswe Jehova; madi a bona a tla tshollwa jwaloka lerole, le nama ya bona jwaloka bolokwe.


Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.


Jehova a qhala Sisera pela Barake, le makoloi a hae kaofela, le makgotla a hae kaofela ka bohale ba lerumo, mme Sisera a theoha koloing ya hae, a baleha ka maoto.


Barake a phallela makoloi le makgotla ho ya fihla Haroshethe-Gojime; mme makgotla kaofela a Sisera a bolawa ka bohale ba lerumo, ho se ke ha phonyoha motho le a mong.


Molapo wa Kishone, molapo wa kgale, molapo wa Kishone o ba nkile! Oho, moya wa ka, hatakela dinatla ka maoto!


Ba tshwara marena a mabedi a Midiane, Orebe le Seebe; ba bolaya Orebe lefikeng la Orebe, Seebe yena ba mmolaya sehatelong sa Seebe ba ntoo phallela Bamidiane. Mme hlooho tsa Orebe le Seebe ba di tlisetsa Gideone mose wane wa Jordane.


Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng mosadi wa senohe, ke ye ho yena, ke mmotse. Bahlanka ba hae ba re ho yena: Bona, mosadi ya nohang o teng Ene-Dore.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ