Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.
a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.
Ke nna ya boletseng pele, ka ntoo pholosa, ka ba tsebisa taba tseo; hara lona ho ne ho se Modimo o mong; ka baka leo, le dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke nna Modimo.
Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.
Juda o etsa ka bolotsana, ho etswa manyala Iseraeleng le Jerusalema, hobane Juda o hlompholla sehalalelo sa Jehova, seo a se ratang, o nyala moradi wa modimo osele.