Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 81:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mamela, setjhaba sa ka, ke o pakele! Iseraele, hola wa rata ho nkutlwa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 ha o le matshwenyehong wa ipiletsa ho nna, mme ka o lopolla. Ka o araba ke ipatile marung a dumang, ka o nonya maikutlo metsing a Meriba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 81:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mamela, setjhaba sa ka, mme ke tla bua; le wena Iseraele, mme ke tla o pakela, nna ke leng Modimo, Modimo wa hao.


Oho! hola setjhaba sa ka se rata ho nkutlwa, mme Iseraele a tsamaya ditseleng tsa ka!


a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na?


Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.


Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe;


Ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba hanyeditseng Jehova; ke hona moo a ikgalaleditseng ka ho bona.


Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona.


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


a re ho bona: Beang dipelo tsa lona tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le di laele bana ba lona, ba tle ba itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao oo.


Wena, atamela, o mamele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bua, mme wena o tle o re phetele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla o bolella tsona, mme re tla di mamela, re di etse.


Haesita le bopaki ba batho re bo amohela, bopaki ba Modimo bo fetisa ka boholo; mme ke bona boo bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ