Ke lokiseditse le setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo; ke se hlomile, se tle se dule ha habo sona, se se ke sa hlola se ferekana le bakgopo ba se ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka hapele,
Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone.
Joabe a bolella Davida palo ya bongata ba setjhaba: Iseraeleng ho ne ho le banna ba tsomolang sabole ba sekete sa dikete se nang le lekgolo le le leng la dikete; haele Juda, ho ne ho na le banna ba tsomolang sabole ba dikete tse makgolo a mane a mashome a supileng.
Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.
Letsatsi le a tla leo Jakobo a tlang ho mela metso ka lona, Iseraele a hlahise dipalesa le lehlomela, mme ba tla tlatsa lefatshe ka ditholwana tsa bona.
A e lema, a tlosa majwe ho yona, a hloma merara e kgethilweng, a haha tora hara yona, a epela sehatelo teng; a tshepa hore e tla bea ditholwana tse monate, empa e beile tse babang.