Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.
O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!
Ho madimabe nna, mme, ha o ntswetse ke le motho ya kgang le wa tseko ho lefatshe lena lohle; ha ke a ka ka adima letho, mme ha ke a ka ka adingwa letho; leha ho le jwalo, ba nthohaka kaofela.
ha ho le jwalo, thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re ho dithaba le dithabana, ho melapo le dikgutlo, ho dithako tse feela le ho metse e tlohetsweng, e neetsweng kgapo le sesomo sa masala a ditjhaba tse e teetseng hare ka nqa tsohle;
Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thabela lefu la tsona, ba nyakalle, ba be ba isetsane dimpho, kahobane baporofeta ba babedi bao ba ne ba kgathaditse ba ahileng lefatsheng.
Dipelo tsa bona ha di thabile, ba re: Samsone a ke a latwe, a tle a re bapadise. Samsone a latwa teronkong, a tla, a bapala pela bona. Ba ne ba mo emisitse phakeng tsa ditshiya.