5 O se jesa bohobe ba meokgo, o ba nosa meokgo ka tekanyo e kgolo.
5 Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang?
Moya wa ka o hana ho di ama; ho nna ke dijo tse manyala.
Hobane ke ja molora bakeng sa bohobe, ke tswakantse seno sa ka ka meokgo,
Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?
Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?
Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?
Morena o tla le fa bohobe matswalong a lona le metsi tsietsing ya lona; baruti ba hao ha ba sa tla ipata, empa o tla tadima baruti ba hao ka mahlo.
O ikapesitse ka kgalefo, wa re phallela; o bolaile, ha o a ka wa qenehela.
O ikwahetse ka leru, thapelo ya rona e tle e se ke ya finyella.