Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 80:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O sireletse seo letsoho le letona la hao le se hlomileng, le lehlomela leo o ikgethetseng lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Oho, Modimo wa mabotho, ako boele o kgutle; ako tadime o le mahodimong, o bone, o hlokomele morara ona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 80:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;


Seatla sa ka se tla mo ahisa, letsoho la ka le mo tiise.


Kgutla, Jehova! o tla isa kae ...? o hauhele bahlanka ba hao!


Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.


Mme jwale, ho bolela Jehova ya mpopileng popelong ya mme, ke tle ke be mohlanka wa hae, ke be ke kgutlisetse Jakobo ho yena, mme Iseraele a tle a phuthehele ho yena; hobane ke tla hlompshwa mahlong a Jehova, mme Modimo wa ka ke wona e leng matla a ka.


Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?


Athe nna, ke na be ke o hlomile o le morara o fetisang ka molemo, wa mofuta wa sebelebele; o mpa o iphetotse jwang ho nna morara wa mofuta osele?


Jehova a be a nyarele, a bone a le lehodimong.


Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!


mme o re ho yena: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bona, ho tla hlaha monna; lebitso la hae ke Lehlomela; o tla mela bodulong ba hae, a hahe ntlo ya Jehova.


Jwale, a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: Motho o ne a hlomile tshimo ya merara, a e sireletsa ka motero; a tjheka sehatelo teng, a haha tora, a e laeletsa balemi, a ntoo eta.


Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme molemi ke Ntate.


Tadima, o le mahodimong, nqalong ya hao ya bokgethehi ba hao, mme o hlohonolofatse setjhaba sa hao sa Iseraele, le lefatshe leo o re neileng lona, jwalokaha o anetse bontata rona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ