Ebile moo Jehova a lahlang moloko wohle wa Iseraele, a ba kenya matshwenyehong, a ba neela matsohong a bahlorisi, a ba a ba lahlela hole le sefahleho sa hae.
Jwale, a nke ke le tsebise seo ke tla se etsa ka tshimo ya ka ya merara hona jwale: ke tla tlosa motero wa yona ke e etse makgulo; ke tla heletsa lerako la yona, e hatakelwe;
Tau e tswile letsabeng la yona, mosenyi wa ditjhaba o futuhile, o tswile nqalong ya hae ho senya lefatshe la hao, metse ya hao e tle e ripitlwe, e be e hloke moahi.
Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.
Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.
Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.
Empa o ne o fotholwe ka kgalefo, wa dihelwa fatshe, moya wa botjhabela wa pontsha ditholwana tsa wona; makala a matla a wona a rojwa, a omella; mollo wa a qeta.
Thebe ya dinatla tsa hae e kgubedu; bahale ba hae ba apere sekarelata; ditshepe tsa makoloi di bekenya jwaloka mollo tsatsing leo a rerang makgotla a hae ka lona; ba hlakisa ka marumo a bona.